Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 30:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Jehova Molimo oa lona o tla le lata botlamuoeng+ a le bontše mohau+ ’me a boele a le bokelle ho tsoa lichabeng tsohle tseo Jehova Molimo oa lona a le hasantseng ho tsona.+

  • Jeremia 30:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 “Matsatsi aa tla ao ka ’ona ke tla lata batho ba ka ba hapuoeng e leng Iseraele le Juda,”+ ke Jehova ea chong. “Ke tla ba khutlisetsa naheng eo ke e fileng baholo-holo ba bona ’me e be ea bona hape,”’ ke Jehova ea chong.”+

  • Ezekiele 39:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Ba tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa bona ha ke ba isa botlamuoeng har’a lichaba ebile ke ba lata, ke ba khutlisetsa naheng ea bona. Nke ke ka siea le ea mong oa bona.+

  • Amose 9:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ke tla lata sechaba sa ka sa Iseraele se neng se hapuoe,+

      Ba tla nchafatsa metse ea bona ’me ba lule ho eona,+

      Ba tla lema masimo a morara ebe ba noa veine ea oona,+

      Ba be ba je lintho tseo ba li lemmeng masimong a bona.’+

  • Sofonia 3:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Ka nako eo, ke tla le khutlisetsa hae,

      Ke le bokelle.

      Ke tla etsa hore batho bohle ba le tsebe, ba le rorise+ nakong eo ke lokollang batho ba habo lona.

      Le tla hle le ho bone,” ke Jehova ea chong.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela