-
Ezekiele 35:10, 11Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
10 Kaha u ile oa re, ‘Lichaba tsena tse peli le linaha tsena tse peli e tla ba tsa ka. Re tla li nka li le peli+ hore e be tsa rona’ le hoja ’na Jehova ke ne ke le teng har’a tsona. 11 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ha ke u ahlola, ke tla halefa ka tsela eo u neng u li halefela ka eona le ka tsela eo u neng u li hloile ka eona.+ Ka nako eo, ke tla etsa hore li ntsebe.
-
-
Sofonia 2:8, 9Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 Ke utloile litlhapa tsa Amone+ le nyefolo ea Moabe,+
Ka utloa ha ba hlapaola sechaba sa ka, ba ithorisetsa ho inkela naha ea sona.+
9 Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: “Ke le tiisetsa ka ’na Molimo ea phelang,
Moabe e tla tšoana le Sodoma,+
Amone e tšoane le Gomora,+
E be lehoatata le nang le bobatsi le sekoti sa letsoai.+
Batho ba ka ba setseng ba tla ba tlatlapa
’Me ba ba nkele naha.
-