Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 23:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 O re: “U ke ke oa hlola u thaba,+

      Uena ea hateletsoeng, morali oa Sidone oa moroetsana.

      Ema, u tšelele Kitime.+

      Le hona teng u ke ke oa phomola.”

  • Jeremia 47:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  4 Ho tla fihla letsatsi la hore Bafilista bohle ba felisoe.+

      Bohle ba neng ba thusa Tire+ le Sidone+ ba tla felisoa.

      Jehova o tla felisa Bafilista

      Ba setseng sehlekehlekeng sa Kaftore.*+

  • Ezekiele 25:15-17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Kaha Bafilista ba hloile Baiseraele haholo, ba ikemiselitse ho iphetetsa ho bona ka sehloho le ho ba felisa.+ 16 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ke tla ahlola Bafilista,+ ke bolaee Bakerethe+ le batho bohle ba setseng ba lulang lebopong la leoatle.+ 17 Ke tla ba halefela ’me ke iphetetse ka ho ba fa kotlo. Ba tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke iphetetsa.”’”

  • Amose 1:9, 10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  9 Jehova o re:

      ‘Baahi ba Tire+ ba ntšitetsoe ka makhetlo-khetlo.* Kahoo, nke ke ka fetola qeto eo ke seng ke e entse

      Hobane ba ile ba isa sehlopha sa batho ba hapuoeng Edomo

      Hape ba lebetse selekane sa bana ba motho.+

      10 Ke tla romela mollo lerakong la Tire.

      O tla chesa litora tsa eona tse sirelelitsoeng.’+

  • Zakaria 9:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Phatlalatso e tsoang ho Molimo:

      “Ona ke molaetsa oa Jehova o ahlolang naha ea Hadrake

      Hape o lebisitsoe ho Damaseka+

      Hobane Jehova o sheba batho bohle+

      Le meloko eohle ea Iseraele

       2 ebile o ahlola le naha e haufi ea Hamathe+ hammoho

      Le Tire+ le Sidone+ hobane li bohlale haholo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela