Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 11:11, 12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Letsatsing leo, Jehova o tla ithaopela ho bontša matla a hae ka lekhetlo la bobeli, bakeng sa ho lata batho ba hae ba setseng Asiria,+ Egepeta,+ Pathrose,+ Kushe,+ Elame,+ Shinare,* Hamathe le lihlekehlekeng tsa leoatle.+ 12 O tla phahamisetsa lichaba letšoao* ’me a bokelle ba qhalakantsoeng ba Iseraele.+ Ba hasantsoeng ba Juda o tla ba bokella ho tsoa likhutlong tse ’nè tsa lefatše.+

  • Esaia 43:5, 6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  5 U se ke oa tšoha hobane ke na le uena.+

      Ke tla tlisa bana* ba hao ho tsoa bochabela,

      Ke tla le bokella ho tsoa bophirimela.+

       6 Ke tla re ho leboea, ‘Fana ka bona!’+

      Le ho boroa, ‘U se ke oa hana ka bona.

      Tlisa bara ba ka ho tsoa hole le barali ba ka ho tsoa likhutlong tsohle tsa lefatše,+

  • Esaia 49:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Batho bana ba tla ba tsoa hole,+

      Bana ba tsoa leboea le bophirimela

      ’Me bana bona ba tsoa naheng ea Sinime.”+

  • Jeremia 23:7, 8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Jehova o re: “Leha ho le joalo, matsatsi aa tla, ao ka ’ona ba ke keng ba hlola ba re: ‘Re ikana ka Jehova ea phelang, ea ntšitseng batho ba Iseraele naheng ea Egepeta’+ 8 empa ba tla re: ‘Re ikana ka Jehova ea phelang, ea ntšitseng le ea khutlisitseng litloholo tsa Baiseraele naheng e ka leboea le linaheng tsohle tseo a li qhalakanyelitseng ho tsona’ ’me li tla lula naheng ea tsona.”+

  • Ezekiele 34:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ke tla hlokomela linku tsa ka joaloka molisa ea hlokomelang linku tsa hae tse neng li hasane ebe oa li fepa.+ Ke tla li pholosa libakeng tsohle tseo li neng li hasane ho tsona letsatsing la maru le la lefifi le letšo-letšo,+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela