-
Deuteronoma 24:21Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
21 Ha u bokella morara o serapeng sa hao sa morara, u se ke oa khutla ho ea bokella o setseng. O lokela ho salla molichaba, khutsana le mohlolohali.
-
-
Jeremia 49:9, 10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 Haeba batho ba kotulang morara ba ne ba ka tla ho uena,
Na ba ne ba ke ke ba siea o mong?
Haeba masholu a ne a ka tla bosiu,
A ne a tla nka lintho tseo a li batlang feela.+
10 Empa ke tla hlobolisa Esau hore a sale a sa apara letho.
Ke tla senola libaka tseo a ipatang ho tsona
E le hore a se ke a khona ho ipata.
Bana ba hae, bana babo le baahisani ba hae kaofela ba tla bolaoa.+
Le eena a ke ke a hlola a phela.+
-