Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 12:39, 40
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 39 A re ho bona: “Batho ba khopo le ba sa tšepahaleng* ba moloko ona ba ntse ba batla mohlolo empa ha ho mohlolo oo ba tla o bona haese mohlolo o etsahaletseng moprofeta Jonase.+ 40 Feela joalokaha Jonase a ile a ba ka mpeng ea tlhapi ea tonanahali ka matsatsi a mararo le masiu a mararo,+ Mor’a motho le eena o tla ba ka mpeng ea lefatše ka matsatsi a mararo le masiu a mararo.+

  • Matheu 16:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Batho ba khopo le ba sa tšepahaleng* ba moloko ona ba ntse ba batla mohlolo empa ha ho mohlolo oo ba tla o bona+ haese mohlolo o etsahaletseng Jonase.”+ Eaba oa tsamaea oa ba siea.

  • Luka 11:29, 30
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 29 Ha batho ba ntse ba bokana ka bongata a re: “Batho ba moloko ona ba khopo. Ba batla mohlolo empa ha ho mohlolo oo ba tla o bona haese mohlolo o etsahaletseng Jonase.+ 30 Joalokaha Jonase+ e ile ea e-ba pontšo ho Baninive, Mor’a motho le eena e tla ba pontšo ho moloko ona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela