5 O re: “Bonang Moasiria,+
Ke molamu oo ke o sebelisang ho ntša bohale ba ka,+
Ke sebelisa lere le matsohong a hae ho fana ka kotlo.
6 Ke tla mo romela hore a loantše sechaba sa bakoenehi,+
A hlasele batho ba nkhalefisitseng.
Ke tla mo laela hore a ba tlatlape, a hape thepa ea bona e ngata,
A ba hatakele joaloka seretse literateng.+