24 Banna ba tlile motseng ’me ba entse litotoma tse o thibellang e le hore ba o hape.+ Motse o tla oela matsohong a Bakalde ba o loantšang ka lebaka la sabole,+ tlala le lefu la seoa.+ Lintho tseo u li boletseng li etsahetse joalokaha u bona.
7 Qetellong lerako la motse la heletsoa ’me masole ’ohle a baleha motseng bosiu. A tsoa ka keiti e pakeng tsa mabota a mabeli e haufi le serapa sa morena ha Bakalde ba ntse ba pota-potile motse. A ’na a baleha ka tsela ea Araba.+