Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 75:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  8 Ho na le kopi letsohong la Jehova.+

      Veine e entse lekoeba ebile e tsoakiloe hantle.

      O tla e qhala,

      Batho bohle ba khopo lefatšeng ba tla e noa ba sa siee letho.”*+

  • Esaia 51:22, 23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Morena oa hao, Jehova, Molimo oa hao, ea loanelang batho ba hae o re:

      “Ke tla tlosa kopi e etsang hore u thekesele letsohong la hao,+

      Senoelo, kopi ea ka ea khalefo.

      Ha u sa tla hlola u noella ho eona.+

      23 Ke tla e beha letsohong la ba u sotlang,+

      Ba itseng ho uena, ‘Paqama e le hore re tsamaee holim’a hao.’

      Joale u entse mokokotlo oa hao mobu

      Le seterata hore ba tsamaee teng.”

  • Jeremia 25:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Ha ba hana ho nka senoelo letsohong la hao hore ba noe, u re ho bona: ‘Jehova oa mabotho o re: “Ho noa le tla noa.

  • Jeremia 51:57
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 57 Ke tla tahisa liofisiri tsa hae le banna ba hae ba bohlale,+

      Babusi ba hae, batlatsi ba babusi ba hae le bahlabani ba hae.

      Ba tla roballa ruri

      ’Me ba ke ke ba tsoha,”+ Morena, eo lebitso la hae e leng Jehova oa mabotho ke eena ea chong.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela