-
Deuteronoma 28:49-51Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
49 Jehova o tla romela sechaba se tsoang hole,+ se tsoang qetellong ea lefatše hore se le hlasele, se tla le fofela joaloka ntsu,+ sechaba seo le ke keng la utloisisa puo ea sona,+ 50 sechaba se bohale se ke keng sa qenehela motho ea tsofetseng kapa e mocha.+ 51 Se tla ja mehlape ea lona le litholoana tsa naha ea lona ho fihlela le felisitsoe. Se ke ke sa le siela lijo, veine e ncha kapa oli, manamane kapa likonyana ho fihlela se le felisitse.+
-
-
Jeremia 5:15-17Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Jehova o re: “Ke le tlisetsa sechaba se tsoang hole, lona ba ntlo ea Iseraele.+
Ke sechaba se lulang se le teng.
Ke sechaba sa khale,
Sechaba seo le sa tsebeng puo ea sona.
Le ke ke la utloisisa hore na se re’ng.+
16 Mokotla oa sona o tšelang metsu o joaloka lebitla le ahlameng.
Kaofela ke sechaba sa bahlabani.
17 Ba tla ja lijalo le bohobe ba lona.+
Ba tla bolaea bara le barali ba lona.
Ba tla ja mehlape ea lona ea linku le lipoli le ea liphoofolo tse kholo.
Ba tla senya lifate tsa lona tsa morara le tsa feie.*
Metse ea lona e sirelelitsoeng ka thata eo le e tšepang, ba tla e felisa ka sabole.”
-
-
Jeremia 6:22, 23Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
22 Jehova o re:
“Batho ke bao ba tsoa naheng ea leboea,
Batho ba matla ba tla hlaha likarolong tse hole ka ho fetisisa tsa lefatše.+
23 Ba tla tšoara seqha le lerumo.
Ba sehloho ’me ba ke ke ba e-ba le mohau.
Mantsoe a bona a tla luma joaloka leoatle
Ebile ba palama lipere.+
Ba itokisetsa ho u loantša ba ikentse ngatana-’ngoe, uena morali oa Sione.”
-
-
Ezekiele 23:22, 23Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
22 Oholiba, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re ho uena: ‘Ke susumeletsa batho bao u neng u ratana le bona,+ bao u ileng oa ba lahla hobane u ba nyonya hore ba u hlasele ba tsoa mahlakoreng ’ohle+ 23 e leng Bababilona,+ Bakalde bohle,+ banna ba Pekode,+ Shooa, Kooa hammoho le bara bohle ba Asiria. Kaofela ke bahlankana ba batle ebile ba khethiloe* ka hloko, ke matona, batlatsi ba babusi le masole. Kaofela ha bona ba palama lipere.
-