-
Jeremia 39:5-7Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 Empa masole a Bakalde a ba lelekisa ’me a fumana Tsedekia lithoteng tsa lehoatata tsa Jeriko.+ Masole a mo nka a mo isa Ribla+ ho Morena Nebukadnezare* oa Babilona naheng ea Hamathe+ moo morena a ileng a mo ahlolela teng. 6 Morena oa Babilona a laela hore bara ba Tsedekia ba bolaoe ka pel’a mahlo a hae hona moo Ribla ’me morena oa Babilona a laela hore bahlomphehi bohle ba Juda ba bolaoe.+ 7 A foufatsa Tsedekia eaba ka mor’a moo o mo tlama ka litlamo tsa koporo o mo tlisa Babilona.+
-
-
Daniele 5:18, 19Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
18 Morena, Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa o ile a fa ntate oa hao Nebukadnezare ’muso, boholo, tlotla le ho hlompheha.+ 19 Ka lebaka la boholo boo Molimo a ileng a mo fa bona, batho ba lichaba tsohle, merabe le lipuo tse fapaneng, ba ne ba thothomela ka pel’a hae ba mo tšaba.+ O ne a bolaea motho eo a batlang ho mo bolaea kapa a hauhela eo a batlang ho mo hauhela ’me o ne a phahamisa eo a batlang ho mo phahamisa a bile a tlotlolla eo a batlang ho mo tlotlolla.+
-