Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 25:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Kahoo, ka nka senoelo letsohong la Jehova ’me ka noesa lichaba tsohle tseo Jehova a nthometseng ho tsona.+

  • Jeremia 25:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 le balichaba bohle ba neng ba lula har’a bona, marena ’ohle a naha ea Utse, a naha ea Bafilista,+ Ashkelone,+ Gaza, Ekrone le batho ba Ashdode ba setseng,

  • Amose 1:6-8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 Jehova o re:

      ‘“Baahi ba Gaza+ ba ntšitetsoe ka makhetlo-khetlo.* Kahoo, nke ke ka fetola qeto eo ke seng ke e entse

      Hobane ba ile ba isa sehlopha sa batho ba hapuoeng+ Edomo.

       7 Ke tla romela mollo lerakong la Gaza.+

      O tla chesa litora tsa eona tse sirelelitsoeng.

       8 Ke tla felisa baahi ba Ashdode+

      Hammoho le ea busang* Ashkelone.+

      Ke tla otla Ekrone,+

      Bafilista ba setseng ba tla timela,”+ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.’

  • Zakaria 9:5, 6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  5 Ashkelone e tla bona seo ’me e tšohe.

      Gaza e tla utloa bohloko haholo,

      Ekrone le eona e tla utloa bohloko hobane seo e se tšepileng se hlabisitsoe lihlong.

      Morena o tla felisoa Gaza

      ’Me Ashkelone e ke ke ea e-ba le baahi.+

       6 Molichaba* o tla lula Ashdode.

      Ke tla etsa hore Mofilista a se ke a hlola a ikhohomosa.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela