-
Ezekiele 22:25, 26Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
25 Baprofeta ba hao ba u reretse bolotsana+ joaloka tau e purumang, e harolang phoofolo eo e e tsomang.+ Ba bolaea batho. Ba nka matlotlo le lintho tsa bohlokoa. Ba entse hore basali ba bangata e be bahlolohali. 26 Baprista ba hao ba tlotse molao oa ka+ ebile ba silafatsa libaka tsa ka tse halalelang.+ Ha ba tsebe ho khetholla lintho tse halalelang ho lintho tse sa halaleleng.+ Ha ba rute batho hore na lintho tse hloekileng le tse sa hloekang+ ke life hape ha ba boloke lisabatha tsa ka. Ba ntšilafalitse.
-