Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 11:11, 12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Letsatsing leo, Jehova o tla ithaopela ho bontša matla a hae ka lekhetlo la bobeli, bakeng sa ho lata batho ba hae ba setseng Asiria,+ Egepeta,+ Pathrose,+ Kushe,+ Elame,+ Shinare,* Hamathe le lihlekehlekeng tsa leoatle.+ 12 O tla phahamisetsa lichaba letšoao* ’me a bokelle ba qhalakantsoeng ba Iseraele.+ Ba hasantsoeng ba Juda o tla ba bokella ho tsoa likhutlong tse ’nè tsa lefatše.+

  • Esaia 27:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Letsatsing leo, Jehova o tla hlohlora litholoana ho tloha molapong o phallang oa Noka* ho ea khohlong* ea Egepeta+ ’me le tla nkoa ka ho latellana, lona batho ba Iseraele.+

  • Ezekiele 28:25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ke tla halaletsoa har’a Baiseraele ka pel’a lichaba+ ha ke ba bokella hape ho tsoa lichabeng tseo ba neng ba hasantsoe ho tsona.+ Ba tla lula naheng ea bona+ eo ke e fileng mohlanka oa ka Jakobo.+

  • Ezekiele 34:15, 16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re, ‘Ke ’na ea tla fepa linku tsa ka+ ke be ke li fe sebaka sa ho phomola.’+ 16 Ke tla batlana le e lahlehileng,+ ke khutlise e hlahlathetseng, ke tlamise e lemetseng ke be ke matlafatse e fokolang. Empa ke tla felisa e nonneng le e matla ebile ke tla e ahlola.”

  • Amose 9:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ke tla lata sechaba sa ka sa Iseraele se neng se hapuoe,+

      Ba tla nchafatsa metse ea bona ’me ba lule ho eona,+

      Ba tla lema masimo a morara ebe ba noa veine ea oona,+

      Ba be ba je lintho tseo ba li lemmeng masimong a bona.’+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela