Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 22:27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Batho lefatšeng lohle ba tla hopola Jehova ba be ba khutlele ho eena.

      Malapa ’ohle a lichaba a tla khumama ka pel’a hao.+

  • Esaia 2:2, 3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  2 Matsatsing a ho qetela,*

      Thaba eo ntlo ea Jehova e leng ho eona

      E tla tiisoa ka thata ka holim’a litlhoro tsa lithaba,+

      E phahamele maralla.

      Lichaba tsohle li tla phallela ho eona.+

       3 Lichaba tse ngata li tla ea ebe li re:

      “Tloong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova,

      Ntlong ea Molimo oa Jakobo.+

      O tla re ruta litsela tsa hae

      Ebe re tsamaea litseleng tsa hae.”+

      Molao o tla tsoa Sione

      Le lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema.+

  • Esaia 11:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Letsatsing leo, e mong ea tsoang lelapeng la Jese*+ o tla ema e le pontšo* bakeng sa lichaba.+

      Lichaba li tla batla tataiso ho eena*+

      ’Me ho tla khanya moo a lulang.*

  • Esaia 55:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  5 U tla bitsa sechaba seo u sa se tsebeng.

      Batho ba sechaba se sa kang sa u tseba ba tla mathela ho uena

      Ka lebaka la Jehova Molimo oa hao,+ Mohalaleli oa Iseraele

      Hobane o tla u tlotlisa.+

  • Esaia 60:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  3 Lichaba li tla ea leseling la hao+

      Le marena+ a ee botleng ba hao bo khanyang.*+

  • Hosea 1:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Baiseraele* ba tla ba bangata joaloka lehlabathe la leoatle le ke keng la lekanngoa kapa la baloa.+ Sebakeng seo ho sona ho ileng ha thoe ho bona, ‘Ha le sechaba sa ka,’+ ho tla thoe ho bona, ‘Le bana ba Molimo ea phelang.’+

  • Mikea 4:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  2 Lichaba tse ngata li tla ea ’me li re:

      “Tloong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova

      Le ntlong ea Molimo oa Jakobo.+

      O tla re ruta litsela tsa hae

      Ebe re tsamaea litseleng tsa hae.”

      Molao* o tla tsoa Sione

      Le lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema.

  • Hagai 2:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Ke tla sisinya lichaba tsohle ’me matlotlo* a lichaba tsohle a tla kena ka tlung ena.+ Ke tla etsa hore e hlomphehe, e be le seriti,’+ ke Jehova oa mabotho ea chong.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela