Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 33:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Bonang Sione, motse oo re ketekelang ho oona.+

      Mahlo a hao a tla bona Jerusalema e le sebaka se nang le khutso,

      E le tente e ke keng ea tlosoa.+

      Ha ho mohla litšepe tsa tente li tla ntšoa,

      Ha ho thapo leha e le ’ngoe ea eona e tla khaoloa likoto.

  • Jeremia 31:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Juda le metse eohle ea eona e tla ba le baahi, lihoai le balisa ba tla lula teng.+

  • Jeremia 33:10, 11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Jehova o re: ‘Sebakeng sena seo le tla re ha se na letho, moo ho se nang motho kapa phoofolo le metseng ea Juda le literateng tsa Jerusalema tse fetohileng lithako, tse se nang motho kapa moahi kapa phoofolo, ho tla boela ho utloahale 11 molumo oa batho ba thabileng le ba nyakaletseng,+ lentsoe la monyali le lentsoe la monyaluoa, lentsoe la ba reng: “Lebohang Jehova oa mabotho hobane Jehova o molemo.+ Lerato la hae ha le fele le ka mohla.”’+

      ‘Ba tla tlisa linyehelo tsa teboho ka tlung ea Jehova+ etsoe ke tla khutlisa batho ba hapuoeng ba naha feela joaloka pele,’ ke Jehova ea chong.

  • Zakaria 8:4, 5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 “Jehova oa mabotho o re, ‘Banna-baholo le basali-baholo ba tla lula mabaleng a Jerusalema hape, kaofela ba tšoere melamu ea bona hobane ba se ba tsofetse.+ 5 Bashanyana le banana ba tla tlala mabaleng a motse, ba bapalle ho ’ona.’”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela