Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 17:13, 14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Jehova a ’na a lemosa Baiseraele le Bajuda a sebelisa baprofeta bohle ba hae le batho bohle ba bonang lipono+ a re: “Tlohelang ho etsa lintho tse mpe!+ Le mamele litaelo tsa ka ho ea ka melao eohle eo ke e fileng baholo-holo ba lona le eo ke ileng ka le romella eona ke sebelisa bahlanka ba ka e leng baprofeta.” 14 Empa ha ba aa ka ba mamela, ba ne ba le manganga* joaloka baholo-holo ba bona ba neng ba sa bontše tumelo ho Jehova Molimo oa bona.+

  • Esaia 6:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Etsa hore batho bana ba be lihlooho* li thata.+

      U koale litsebe tsa bona+

      U koale le mahlo a bona

      E le hore ba se ke ba bona ka mahlo a bona

      Le ho utloa ka litsebe tsa bona,

      E le hore ba se ke ba utloisisa*

      Le hore ba se ke ba khutlela ho ’na eaba baa folisoa.”+

  • Jeremia 25:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Empa ha lea ka la ’mamela,’ ke Jehova ea chong. ‘Ho e-na le hoo, le ile la ntšiteloa ka mosebetsi oa matsoho a lona eaba le ipakela mathata.’+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela