8 Ha le fumana moea o halalelang,+ le tla ba le matla ’me le tla ba lipaki+ tsa ka Jerusalema,+ libakeng tsohle tsa Judea le Samaria+ le karolong e hole-hole ea lefatše.”+
18 Na Baiseraele ha baa ka ba utloa? E, ba ile ba utloa. Ebile Mangolo a re: “Batho lefatšeng lohle ba utloile molaetsa oo ’me oa fihla le likarolong tse hole tsa lefatše.”+
6 Ka bona lengeloi le leng le fofa sebakeng. Le ne le phatlalatsa litaba tse monate tse sa feleng, le li bolella batho ba lulang lefatšeng, ba merabe eohle, lichaba tsohle, maloko ’ohle le lipuo tsohle.+