-
Luka 6:41, 42Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
41 Ke hobane’ng ha u sheba lehlokoana le ka leihlong la ngoan’eno empa uena u sa bone lepolanka* le ka leihlong la hao?+ 42 Ke joang u ka reng ho ngoan’eno: ‘Ngoan’eso, e-re ke ntše lehlokoana le ka leihlong la hao’ empa uena u sa bone lepolanka le ka leihlong la hao? Uena moikaketsi, ntša lepolanka le ka leihlong la hao pele, u tsebe ho bona hantle hore na u ka ntša lehlokoana le ka leihlong la ngoan’eno joang.
-