Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mareka 5:22-24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 E mong oa balaoli ba okamelang ntlo ea thapelo* ea bitsoang Jairuse, a fihla. Eitse ha a bona Jesu, a itihela maotong a hae,+ 23 a mo kopa ka makhetlo a re: “Moralinyana oa ka o kula hampe.* Ke kopa u tle u tl’o mo beha matsoho+ e le hore a fole ’me a phele.” 24 Eaba Jesu o tsamaea le eena. Batho ba bangata ba ne ba mo setse morao ba bile ba mo petelitse.

  • Luka 8:41, 42
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 41 Molaoli e mong ea okamelang ntlo ea thapelo* ea bitsoang Jairuse a tla eaba o itihela maotong a Jesu, a mo kopa hore a kene ka tlung ea hae+ 42 hobane morali oa hae ea mong ea neng a ka ba lilemo li 12 o ne a le makhatheng a lefu.

      Eitse ha Jesu a re oa ea, letšoele la mo petetsa.

  • Johanne 11:25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Jesu a re ho eena: “Ke ’na tsoho le bophelo.+ Ea bontšang hore o lumela ho ’na, leha a ka shoa o tla boela a phele.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela