-
Luka 7:24-28Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
24 Ha barutuoa ba Johanne ba se ba ile, Jesu a re ho matšoele ka Johanne: “Monna eo le mo boneng lefeelleng ke mang? Na ke motho ea kang lehlaka le ntseng le tsukutloa ke moea?+ 25 Le bone mang? Na le bone monna ea apereng liaparo tse turu?+ Batho ba apereng liaparo tse turu le ba ruileng ba matlong a marena. 26 Joale, ha e le hantle e ne e le mang? Na e ne e le moprofeta? E, e ne e le moprofeta a bile a le bohlokoa haholo ho feta baprofeta.+ 27 Enoa ke eo ho ngotsoeng tjena ka eena: ‘Ke romela moromuoa oa ka pele ho uena* ea tla lokisa tsela ea hao ka pel’a hao.’+ 28 Kea le bolella, har’a bohle ba kileng ba phela, ha ho e moholo ho Johanne empa motho e monyenyane ’Musong oa Molimo o moholo ho eena.”+
-