-
Mareka 3:31-35Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
31 Joale ’mè oa hae le bana babo+ ba tla ’me ba roma motho hore a mo bitse ba ntse ba eme ka ntle.+ 32 Letšoele le neng le mo pota-potile la re ho eena: “Bona, ’mè oa hao le bana beno ba eme ka ntle baa u bitsa.”+ 33 Empa a re ho bona: “’Mè le bana beso ke bo-mang?” 34 A sheba ba lutseng ba mo pota-potile eaba o re: “’Mè le bana beso ke bana.+ 35 Mang kapa mang ea etsang thato ea Molimo ke eena ngoan’eso, khaitseli ea ka le ’mè oa ka.”+
-