Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mareka 4:3-9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 “Mamelang, mojali o ile a tsoa ho ea jala.+ 4 Ha a ntse a jala, peo e ’ngoe ea oela haufi le tsela eaba linonyana lia e ja. 5 E ’ngoe ea oela lipakeng tsa majoe moo ho se nang mobu o mongata. Ea mela hang-hang hobane mobu o ne o sa teba.+ 6 Ha letsatsi le chaba ea cha eaba ea omella hobane e ne e se na metso. 7 E ’ngoe ea oela har’a meutloa eaba meutloa ea hola ea e bipetsa, ea se ke ea beha litholoana.+ 8 E ’ngoe eona ea oela mobung o motle, ea hola ea e-ba kholo ’me ea qala ho beha litholoana. Peo e ’ngoe ea beha litholoana tse imenneng ka makhetlo a 30, e ’ngoe ea beha tse imenneng ka makhetlo a 60, e ’ngoe eona ea beha tse imenneng ka makhetlo a 100.”+ 9 A boela a re: “Ea nang le litsebe a ke a utloe.”+

  • Luka 8:4-8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong, batho ba ile ba tla ho eena ’me letšoele le leholo la phutheha. Eaba o ba etsetsa papiso o re:+ 5 “Mojali o ile a tsoa ho ea jala. Ha a ntse a jala, peo e ’ngoe ea oela haufi le tsela, batho ba e hatakela eaba linonyana lia e ja.+ 6 E ’ngoe ea oela majoeng ’me ka mor’a hore e mele, ea omella hobane ho ne ho se na mongobo.+ 7 E ’ngoe ea oela har’a meutloa eaba ha meutloa e hola ea e bipetsa.+ 8 E ’ngoe eona ea oela mobung o motle, ea mela eaba e beha litholoana tse imenneng ka makhetlo a 100.”+ Ka mor’a ho cho joalo a hoeletsa a re: “Ea nang le litsebe a ke a utloe.”+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela