Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Bakorinthe 2:9, 10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Etsoe Mangolo a re: “Ha ho motho ea boneng kapa ea utloileng ebile ha ho motho ea kileng a nahana lintho tseo Molimo a li lokiselitseng ba mo ratang.”+ 10 Molimo o re senoletse tsona+ a sebelisa moea oa hae+ kaha moea o senola lintho tsohle esita le lintho tse tebileng tsa Molimo.+

  • Baefese 1:9-12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 ka hore a re tsebise lekunutu le halalelang+ la thato ea hae. Lekunutu leo le lumellana le lintho tse mo thabisang tseo a li rerileng. 10 Le boetse le akareletsa hore a hlophise lintho ha nako e behiloeng e fihla* ka hore a bokelle lintho tsohle tse maholimong le tse lefatšeng+ a sebelisa Kreste. Lintho tsohle li tla bokelloa ho sebelisoa Kreste 11 eo re momahaneng le eena ebile re khethiloe ho ba majalefa-’moho+ le eena. Molimo o ile a re khetha esale pele hobane e le thato ea hae. O etsa lintho tsohle ho ea ka thato ea hae 12 e le hore a tlotlisoe le ho rorisoa ka lebaka la rona ba ileng ba lumela ho Kreste pele.

  • Bakolose 1:26, 27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 e leng lekunutu le halalelang+ le neng le patiloe ho tloha mehleng ea khale*+ le ho tloha melokong e fetileng. Empa hona joale le senoletsoe bahlanka ba hae.*+ 27 Molimo o tsebisitse lichaba tse ling lekunutu lena le halalelang le nang le maruo a mangata a khanyang.+ Lekunutu lena le halalelang ke Kreste ea momahaneng le lona e leng se bolelang hore le na le tšepo ea ho tlotlisoa le eena.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela