40 “O ba foufalitse, a etsa hore ba be lihlooho* li thata. Ke kahoo ba sa utloisiseng* hore na ba lokela ho etsa’ng ebile ba sa khutlele ho ’na e le hore nka ba folisa.”+
8 Etsoe Mangolo a re: “Molimo o ba robalitse boroko bo tebileng+ e le hore mahlo a bona a se ke a bona le litsebe tsa bona li se ke tsa utloa ho tla fihlela letsatsing lena.”+
14 Empa ba ne ba sa khone ho utloisisa.+ Ho tla fihlela letsatsing lena, ha ba khone ho utloisisa ha selekane sa khale se baloa+ hobane ekare ba koahetsoe ka lesira. Lesira leo le ka tlosoa feela ka thuso ea Kreste.+