Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mareka 6:1-6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 A tloha moo a ea ha habo+ ’me barutuoa ba hae ba mo latela. 2 Ka Sabatha a ruta ka tlung ea thapelo.* Boholo ba batho ba mo utloileng ba hlolloa ’me ba re: “Motho eo o tsebelletse lintho tsee kae?+ Motho eo ke mang hoo a bileng a filoeng bohlale le matla a ho etsa mehlolo e tjee?+ 3 Na motho eo ha se ’metli oa mapolanka?+ Na ’mè oa hae ha se Maria+ ’me na bana babo ha se Jakobo,+ Josefa, Judase le Simone?+ Na likhaitseli tsa hae ha li har’a rona moo?” Kahoo, ba hana ho lumela ho eena. 4 Empa Jesu a re ho bona: “Moprofeta o hlomphuoa hohle ntle le ha habo le ka tlung ea hae.”+ 5 Kahoo, ha aa ka a etsa mehlolo moo haese ho phekola ba seng bakae ba kulang le ho ba beha matsoho. 6 O ile a makatsoa ke hore ebe ha ba na tumelo eaba o potoloha le metsana, a ntse a ruta.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela