Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mareka 6:21-29
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Herodiase a fumana monyetla ha Heroda a lokisetsa lijo tsa mantsiboea ka letsatsi la hae la tsoalo+ bakeng sa liofisiri tsa hae tse kholo, balaoli ba sesole le banna ba tummeng haholo ba Galilea.+ 22 Morali oa Herodiase a fihla a tantša eaba Morena Heroda le ba neng ba ja le eena baa thaba. Morena a re ho eena: “Mpolelle hore na ke’ng eo u e batlang, ke tla u fa eona.” 23 A hla a ikana a re: “Ke tla u fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e batlang leha e ka ba halofo ea ’muso oa ka.” 24 Eaba o ea ho ’mè oa hae o re: “Ke kope’ng?” A re: “Kopa hlooho ea Johanne Mokolobetsi.” 25 Hang-hang a ea ho morena a tatile eaba o re ho eena: “Mphe hlooho ea Johanne Mokolobetsi e behiloe holim’a sejana hona joale.”+ 26 Morena o ile a sareloa haholo ha a utloa taba ena empa o ne a sa batle ho hana kopo ea hae hobane o ne a ikanne ka pel’a baeti ba hae.* 27 Hang-hang morena a roma lesole le katang a le laela hore le tlise hlooho ea Johanne. Kahoo, la tsamaea la mo khaola hlooho a le teronkong 28 ’me la tlisa hlooho ea hae e le holim’a sejana. La e fa moroetsana, eena a e fa ’mè oa hae. 29 Ha barutuoa ba Johanne ba tseba ka taba ena, ba fihla ba nka setopo sa hae ba mo pata.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela