Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mareka 6:45-52
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 45 Ntle ho tšenyo ea nako, a re barutuoa ba hae ba palame sekepe ’me ba ee ka lehlakoreng le leng la leoatle, ba feta pel’a Bethsaida, eena a sala a ntse a bolella batho hore ba tsamaee.+ 46 Empa ka mor’a hore a re ba tsamaee hantle, a ea thabeng ho ea rapela.+ 47 Mantsiboea sekepe se ne se le bohareng ba leoatle empa o ne a le mong lebopong.+ 48 O ile a bona hore ba soka ka thata hobane moea o ne o le matla haholo. A tla ho bona hoo e ka bang ka meso,* a tsamaea holim’a leoatle empa a etsa eka oa* ba feta. 49 Ha barutuoa ba mo bona a tsamaea holim’a leoatle, ba hoeletsa ba re: “Ke’ng ntho e tlang le moo?”* 50 Kaofela ba ile ba mo bona eaba baa tšoha. Hang-hang Jesu a re ho bona: “Le se ke la tšoha, ke ’na.”+ 51 A kena ka sekepeng ’me moea oa kokobela. Eaba ba makala haholo 52 kaha ba ne ba sa utloisisa hore na mohlolo oo a o entseng ka mahobe o bolela’ng. Ba ile ba tsoela pele ba ntse ba sa utloisise ka likelellong tsa bona.

  • Johanne 6:16-21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Ha shoalane e tšoara, barutuoa ba hae ba theohela leoatleng.+ 17 Ba palama sekepe, ba tšelela ka nģ’ane ho leoatle ho ea Kapernauma. Ka nako eo, ho ne ho se ho le lefifi empa Jesu a e-s’o fihle ho bona.+ 18 Kaha moea o ne o le matla, leoatle le ne le befile.+ 19 Ha ba se ba tsamaile lik’hilomithara tse ka bang hlano kapa tse tšeletseng* ka sekepe, ba bona Jesu a tsamaea holim’a leoatle a atamela ho bona eaba baa tšoha. 20 A re ho bona: “Le se ke la tšoha, ke ’na.”+ 21 Joale ba utloa ba lokolohile hore a ka kena ka sekepeng eaba sekepe se fihla lebopong moo ba neng ba ea teng.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela