Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Baroma 9:33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 33 Ho joalokaha ho ngoliloe ha thoe: “Bonang! Ke beha lejoe Sione,+ lejoe le khopang le lefika le khopisang empa ea lumelang ho lona a ke ke a phoqeha.”+

  • 1 Bakorinthe 3:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ha ho na motho ea ka ralang motheo o mong ntle le o seng o ntse o raliloe e leng Jesu Kreste.+

  • 1 Bakorinthe 10:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 le ho noa metsi a tšoanang a tsoang ho Molimo.+ Ba ne ba tloaetse ho noa metsi lefikeng leo Molimo a neng a ba file lona le neng le le pel’a bona. Lefika leo le ne le tšoantšetsa* Kreste.+

  • Baefese 2:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Le hahiloe holim’a motheo oa baapostola le baprofeta,+ ha Jesu Kreste eena e le lejoe la sekhutlo la motheo.+

  • 1 Petrose 2:6-8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Lengolo le re: “Ke beha lejoe la sekhutlo la bohlokoa e le motheo Sione. Mang kapa mang ea bontšang tumelo ho lona a ke ke a phoqeha.”+

      7 Lejoe leo ke la bohlokoa ho lona hobane le lumela ho lona. Ho ba sa lumeleng ho lona ha le bohlokoa hobane Mangolo a re: “Lejoe leo lihahi li le lahlileng+ le fetohile lejoe la sekhutlo la sehlooho.”+ 8 Hape a re: “Ke lejoe le khopang ebile ke lefika le khopisang.”+ Baa khopeha hobane ha ba mamele lentsoe la Molimo. Ena ke tsela eo ba tla fella ka eona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2023)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela