Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mareka 9:2-8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Matsatsi a tšeletseng hamorao, Jesu a tsamaea le Petrose, Jakobo le Johanne ’me a nyolohela le bona ba le bang thabeng e phahameng. Chebahalo ea hae ea fetoha ba ntse ba mo shebile.+ 3 Liaparo tsa hae tsa khanya haholo tsa e-ba tšoeu. Ha ho na mang kapa mang lefatšeng ea neng a ka hlatsoa liaparo hore li be tšoeu joalo. 4 Hape Moshe le Elia ba hlaha ’me ba ne ba buisana le Jesu. 5 Eaba Petrose o re ho Jesu: “Rabi, ke hantle hore ebe re mona. Joale a re hlomeng litente tse tharo, e ’ngoe e be ea hao, e ’ngoe e be ea Moshe, e ’ngoe e be ea Elia.” 6 Ha e le hantle, o ne a sa tsebe hore na a re’ng kaha ba ne ba tšohile haholo. 7 Ha e-ba le leru le ba koahelang eaba lentsoe+ le hlaha ho lona le re: “Enoa ke Mora oa ka eo ke mo ratang.+ Mo mameleng.”+ 8 Eaba baa qamaka, ba bona Jesu a setse a le mong feela.

  • Luka 9:28-36
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Ha ho se ho fetile matsatsi a ka bang robeli a buile mantsoe ao, a tsamaea le Petrose, Johanne le Jakobo ba ea thabeng ho ea rapela.+ 29 Ha a ntse a rapela, sefahleho sa hae sa fetoha ’me liaparo tsa hae tsa e-ba bosoeu bo benyang. 30 Ho ne ho e-na le banna ba babeli ba ntseng ba buisana le Jesu, e ne e le Moshe le Elia. 31 Ba hlaha ba khanya eaba ba qala ho bua ka hore Jesu o tla falla lefatšeng ha a le Jerusalema.+ 32 Petrose le barutuoa ba bang ba ne ba imetsoe ke boroko empa ha ba hlaphoheloa ba bona Jesu a khanya+ a eme le banna ba babeli. 33 Ha banna bao ba itokisetsa ho tloha, Petrose a re ho Jesu: “Mosuoe, ke hantle hore ebe re mona. Joale ha re hlomeng litente tse tharo, e ’ngoe e be ea hao, e ’ngoe e be ea Moshe, e ’ngoe e be ea Elia.” Empa o ne a sa ikutloe hore na o ntse a re’ng. 34 Ha a sa ntse a bua ha hlaha leru, la ba koahela eaba baa tšoha. 35 Lentsoe+ la hlaha lerung leo la re: “Enoa ke Mora oa ka eo ke mo khethileng.+ Mo mameleng.”+ 36 Ha lentsoe leo le hlaha Jesu o ne a se a setse a le mong. Ba thola tu! eaba ba qeta nako ho se motho eo ba mo bolellang ntho eo ba e boneng.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela