-
Mareka 9:17-29Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
17 E mong har’a letšoele a re: “Mosuoe, ke tlisitse mora oa ka ho uena hobane o na le modemona ea etsang hore a se ke a khona ho bua.+ 18 Neng kapa neng ha modemona eo a mo hlasela, o mo tabanya fatše ebe mora oa ka o ntša makoeba ka hanong, o tsikitlanya meno ebe o felloa ke matla. Ke ile ka kopa barutuoa ba hao hore ba ntše modemona eo empa ha baa ka ba khona.” 19 Ha Jesu a araba a re: “Lona moloko o se nang tumelo,+ ke tla lula le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neng? Mo tliseng koano.”+ 20 Kahoo, ba tlisa moshanyana eo ho eena. Empa ha modemona a bona Jesu, hang-hang a tsitsipanya ngoana eo. Ka mor’a hore a oele fatše a ’na a pitika, a khethetsa makoeba. 21 Eaba Jesu o botsa ntate oa moshanyana o re: “Ke nako e kae a le tjee?” A re: “Haesale a le tjena ho tloha bongoaneng. 22 Hangata o ne a mo lahlela mollong le ka metsing e le hore a mo bolaee. Empa haeba ho na le ntho eo u ka e etsang, re hauhele ’me u re thuse.” 23 Jesu a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u re: ‘Haeba’? Lintho tsohle lia khoneha bakeng sa motho ea nang le tumelo.”+ 24 Hang-hang ntate oa ngoana a hoeletsa a re: “Ke na le tumelo! Ke kopa u nthuse moo e haellang.”+
25 Ha Jesu a hlokomela hore letšoele le ne le tla ho bona le potlakile, a khalemela modemona a re ho eena: “Uena modemona ea etsang hore motho a se ke a khona ho bua le ho utloa, ke u laela hore u tsoe ho eena ’me u se ke oa hlola u kena ho eena.”+ 26 Ka mor’a hore modemona eo a mo tsitsipanye hangata, a hoeletsa eaba oa tsoa. Ngoana eo a bonahala eka o shoele hoo boholo ba batho ba neng ba re: “O shoele!” 27 Empa Jesu a mo tšoara ka letsoho a mo phahamisa, eaba oa ema. 28 Kahoo, ha a se a kene ka tlung barutuoa ba hae ba mo botsa moo ba leng bang ba re: “Ke hobane’ng ha re ile ra sitoa ho o leleka?”+ 29 A re ho bona: “Mofuta ona o ka ntšoa feela ka thapelo.”
-
-
Luka 9:38-42Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
38 Monna e mong a hoeletsa har’a letšoele a re: “Mosuoe, ke kopa u thuse* mora oa ka, ke ngoan’a ka a le mong feela.+ 39 O kenoa ke modemona, o etsa hore a lle, a tsitsipane a be a tsoe makoeba ka hanong. Ha o mo kene o tsoa ka thata. 40 Ke ile ka kopa barutuoa ba hao hore ba mo ntše empa ba ile ba hloleha.” 41 Ha Jesu a araba a re: “Lona moloko o se nang tumelo o bileng o leng khopo,+ ke tla lula le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neng? Tlisa mora oa hao koano.”+ 42 Eitse ha ngoana a atamela, modemona a mo lahlela fatše a etsa hore a thothomele habohloko. Jesu a khalemela modemona eo, a folisa ngoana eaba o mo isa ho ntate oa hae.
-