Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 24:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Haeba monna a nyetse mosali empa a se a sa mo batle hobane a fumane hore o itšoere ka tsela e sa hlompheheng, a mo ngolle lengolo la tlhalo,+ a mo fe lona ’me a mo leleke.+

  • Mareka 10:2-12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Bafarisi ba tla ho eena ba ikemiselitse ho mo leka ’me ba mo botsa hore na molao o lumella monna ho hlala mosali.+ 3 A ba araba a re: “Moshe o itse’ng ho lona?” 4 Ba re: “Moshe o ile a lumella monna ho fa mosali lengolo la tlhalo le ho mo hlala.”+ 5 Jesu a re ho bona: “O ile a le ngolla+ taelo ena hobane le le manganga+ 6 empa qalong ‘Molimo o bopile monna le mosali.+ 7 Ka lebaka lena monna o tla siea ntate oa hae le ’mè oa hae+ 8 ’me bobeli ba bona e tla ba nama e le ’ngoe’+ e leng hore ha ba sa le babeli empa e se e le nama e le ’ngoe. 9 Ka hona, ho se ke ha e-ba le motho ea arolang batho bao Molimo a ba kopantseng.”*+ 10 Ha ba le ka tlung, barutuoa ba qala ho mo botsa ka taba ena. 11 A re ho bona: “Mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae ebe o nyala e mong oa feba+ ebile oa mo siteloa, 12 hape haeba mosali a hlala monna oa hae ebe o nyaloa ke e mong, oa feba.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela