-
Mareka 10:13-16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
13 Batho ba tlisa bana ba banyenyane ho eena hore a ba hlohonolofatse* empa barutuoa ba ba khalemela.+ 14 Ha Jesu a ba bona a halefa a re ho bona: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na. Le se ke la leka ho ba thiba hobane ’Muso oa Molimo ke oa ba tšoanang le bona.+ 15 Kannete ke re ho lona, mang kapa mang ea sa amoheleng ’Muso oa Molimo joaloka ngoana e monyenyane ho hang a ke ke a kena ho oona.”+ 16 Eaba o haka bana bao ’me o qala ho ba hlohonolofatsa ka ho ba beha matsoho.+
-
-
Luka 18:15-17Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Batho ba tlisa bana ba bona ba banyenyane ho eena hore a ba hlohonolofatse* empa barutuoa ba ba khalemela+ ha ba bona ba etsa joalo. 16 Empa Jesu a bitsetsa bana ba banyenyane ho eena a re: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na. Le se ke la leka ho ba thiba hobane ’Muso oa Molimo ke oa ba tšoanang le bona.+ 17 Kannete ke re ho lona, mang kapa mang ea sa amoheleng ’Muso oa Molimo joaloka ngoana e monyenyane ho hang a ke ke a kena ho oona.”+
-