-
Mareka 10:17-22Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
17 Eare ha a tsamaea, monna e mong a mo mathela eaba o khumama ka pel’a hae o re: “Mosuoe ea molemo, ke etse’ng hore ke fumane bophelo bo sa feleng?”+ 18 Jesu a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u mpitsa ea molemo? Ha ho na motho ea molemo haese Molimo feela.+ 19 U tseba litaelo tsena: ‘U se ke oa bolaea,+ u se ke oa feba,+ u se ke oa utsoa,+ u se ke oa fana ka bopaki ba bohata+ kapa oa etsa bolotsana.+ U hlomphe ntate oa hao le ’mè oa hao.’”+ 20 Monna eo a re ho eena: “Mosuoe, haesale ke phetha litaelo tsena ho tloha bocheng ba ka.” 21 Ha Jesu a mo sheba a utloa a mo rata eaba o re ho eena: “Ho haella ntho e le ’ngoe ho uena: Tsamaea u rekise lintho tsa hao ebe u fa bafutsana chelete eo, joale u tla ba le letlotlo leholimong. Ka mor’a moo, u tle u be molateli oa ka.”+ 22 Empa mantsoe ao a mo nyahamisa eaba o tloha a saretsoe hobane o ne a ruile haholo.+
-
-
Luka 18:18-23Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
18 Eaba ’musi e mong o re ho eena: “Mosuoe ea molemo, ke etse’ng hore ke fumane bophelo bo sa feleng?”+ 19 Jesu a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u mpitsa ea molemo? Ha ho na motho ea molemo haese Molimo feela.+ 20 U tseba litaelo tsena: ‘U se ke oa bolaea,+ u se ke oa feba,+ u se ke oa utsoa+ kapa oa fana ka bopaki ba bohata.+ U hlomphe ntate oa hao le ’mè oa hao.’”+ 21 Monna eo a re: “Haesale ke phetha litaelo tsena ho tloha bocheng ba ka.” 22 Ha Jesu a utloa a cho joalo a re ho eena: “Ho haella ntho e le ’ngoe ho uena: Tsamaea u rekise lintho tsa hao ebe u fa bafutsana chelete eo, joale u tla ba le letlotlo leholimong. Ka mor’a moo u tle u be molateli oa ka.”+ 23 Ha a utloa mantsoe ao, a sareloa habohloko hobane o ne a ruile haholo.+
-