-
Mareka 10:35-40Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
35 Jakobo le Johanne, bara ba Zebedea,+ ba ea ho eena ’me ba re: “Mosuoe, re kopa u re etsetse eng kapa eng eo re u kopang eona.”+ 36 A re ho bona: “Le batla hore ke le etsetse’ng?” 37 Ba re: “Re lumelle hore re lule le uena ’Musong oa hao,* e mong a lule ka letsohong la hao le letona, e mong ka ho le letšehali.”+ 38 Empa Jesu a re ho bona: “Ha le tsebe hore na le kopa’ng. Na le ka noa ntho eo ke e noang, kapa la kolobetsoa ka kolobetso eo ke kolobetsoang ka eona?”+ 39 Ba re ho eena: “Re ka e noa.” Eaba Jesu o re ho bona: “Ntho eo ke e noang le tla e noa ’me kolobetso eo ke kolobetsoang ka eona le tla kolobetsoa ka eona.+ 40 Empa ha se ’na ea khethang hore na ke mang ea tla lula ka letsohong la ka le letona kapa le letšehali. Ke Ntate ea khethang.”
-