Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 53:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ka lebaka la mahlomola a hae,* o tla bona ’me a khotsofale.

      Ka tsebo ea hae, mohlanka oa ka ea lokileng+

      O tla thusa batho ba bangata hore ba fihlele ho loka+

      ’Me a jare liphoso tsa bona.+

  • Mareka 10:45
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 45 Etsoe esita le Mor’a motho ha aa ka a tlela ho sebeletsoa empa o tletse ho sebeletsa+ le ho fana ka bophelo ba hae e le tefo bakeng sa ho lopolla batho ba bangata.”+

  • 1 Timothea 2:5, 6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Kaha ho na le Molimo a le mong+ le ’muelli a le mong+ pakeng tsa Molimo le batho.+ ’Muelli eo ke Kreste Jesu+ 6 ea ileng a fana ka bophelo ba hae e le tefo e neng e hlokahala e le hore batho bohle ba lopolloe sebeng.+ Batho ba tla bua ka taba ena ka nako e loketseng.

  • Tite 2:13, 14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Hona joale, a re luleng re letetse ho phethahala ha lintho tse thabisang tseo re nang le tšepo ea tsona+ le hore Molimo Ea Matla ’Ohle le Jesu Kreste Mopholosi oa rona ba bonahatse matla a bona. 14 Jesu o ile a inehela bakeng sa rona+ ho re pholosa*+ e le hore re qobe ho etsa mofuta o mong le o mong oa bokhopo* le hore a hloekise batho bao e leng letlotlo la hae le khethehileng ba chesehelang ho etsa mesebetsi e metle.+

  • Baheberu 9:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Ka tsela e tšoanang, Kreste le eena o ile a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo hanngoe ebile e le la ho qetela hore a jare libe tsa ba bangata.+ Ha a hlaha ka lekhetlo la bobeli o tla be a sa tl’o tlosa sebe. O tla bonoa ke ba hlileng ba batlang ho pholosoa ke eena.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2022)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela