Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 1:38
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 38 Moprista Tsadoke, moprofeta Nathane, Benaia+ mora oa Jehojada, Bakerethe le Bapelethe+ ba tsamaea ’me ba palamisa Solomone ’moulo oa Morena Davida,+ ba mo isa Gihone.+

  • 1 Marena 1:40
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 40 Ka mor’a moo, batho bohle ba tsamaea le eena ba mo latela, ba ne ba thabile haholo ’me ba letsa makolilo, ba entse lerata hoo lefatše le ileng la thothomela.+

  • Mareka 11:7-11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Ba tlisa petsana eo+ ho Jesu, ba beha liaparo tsa bona holim’a eona eaba oa e palama.+ 8 Hape, batho ba bangata ba ala liaparo tsa bona ka tseleng. Ba bang bona ba nka makala ao ba neng ba a pomme masimong eaba ba a ala ka tseleng.+ 9 Ba tsamaeang ka pele le ba tlang ka morao ba ’na ba hoeletsa: “Re rapella hore u mo pholose.+ Ho hlohonolofetse ea tlang ka lebitso la Jehova.*+ 10 Ho hlohonolofetse ’Muso o tlang oa ntate oa rona Davida!+ Rea rapela, mo pholose uena ea holimo!” 11 Eaba o fihla Jerusalema, o ea ka tempeleng. A sheba lintho tsohle tse ka tempeleng empa kaha nako e ne e se e ile, a tsoa ho ea Bethani le baapostola ba 12.+

  • Johanne 12:14, 15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ha Jesu a fumana petsana ea tonki, a e palama+ feela joalokaha Mangolo a re: 15 “U se ke oa tšoha uena morali oa Sione. Morena oa hao o tla a palame petsana ea tonki.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela