-
Luka 19:36-38Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
36 Ha a ntse a tsamaea, batho ba ala liaparo tsa bona ka tseleng.+ 37 Hang ha a atamela khoro ea Thaba ea Mehloaare, barutuoa kaofela ba qala ho thaba, ba hoeletsa ba rorisa Molimo ka lebaka la mehlolo eohle eo ba e boneng ba re: 38 “Ho hlohonolofetse ea tlang e le Morena ka lebitso la Jehova!* E se eka ho ka ba le khotso leholimong ’me re rorise Molimo ea holimo-limo!”+
-