-
Mareka 12:1-9Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
12 A ba etsetsa lipapiso a re: “Motho e mong o ne a lemme tšimo ea morara.+ A e kampela eaba o etsa sebaka seo a ka tlhotlelang morara ho sona, a haha le tora.+ A hirisetsa balemi tšimo eo eaba o etela hole.+ 2 Ha nako ea ho kotula e fihla, a roma lekhoba la hae ho balemi ho ea lata morara o mong ho bona. 3 Empa ba le khakhatha eaba ba le khutlisa le se na letho. 4 A roma lekhoba le leng hape, lona ba le otla hloohong ’me ba le rohaka.+ 5 Eaba o roma le leng, lona ba le bolaea. A roma le a mang a mangata, ba khakhatha a mang, a mang ba a bolaea. 6 Qetellong a roma mora oa hae eo a mo ratang+ a nahana hore ba tla hlompha mora oa hae. 7 Empa balemi bao ba buisana ba re: ‘Enoa ke eena mojalefa.+ A re mo bolaeeng ebe re nka lefa la hae.’ 8 Kahoo, ba mo tšoara, ba mo bolaea eaba ba mo lahlela ka ntle ho tšimo.+ 9 Mong’a tšimo eo o tla ba etsa’ng? O tla ba bolaea ebe o hirisetsa balemi ba bang tšimo eo ea morara.+
-
-
Luka 20:9-16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 A etsetsa batho papiso ena: “Motho e mong o ile a lema tšimo ea morara,+ a e hirisetsa balemi eaba o etela hole ka nako e telele.+ 10 Ha nako ea ho kotula e fihla, a roma lekhoba la hae ho balemi e le hore ba ka le fa morara o mong. Empa balemi bao ba le khakhatha eaba ba le khutlisa le se na letho.+ 11 A roma lekhoba le leng hape. Le lona ba le khakhatha, ba le rohaka* eaba ba le khutlisa le se na letho. 12 A roma le leng hape. Le lona ba le otla ba le ntša maqeba eaba baa le leleka. 13 Eaba mong’a tšimo ea morara o re: ‘Ebe ke tla etsa joang? Ke tla roma mora oa ka eo ke mo ratang.+ Mohlomong eena ba tla mo hlompha.’ 14 Ha balemi bao ba mo bona ba buisana ba re: ‘Enoa ke eena mojalefa. A re mo bolaeeng ebe re nka lefa la hae.’ 15 Eaba ba mo lahlela ka ntle ho tšimo ea morara ’me ba mo bolaea.+ Mong’a tšimo eo o tla ba etsa’ng? 16 O tla ba bolaea ebe o hirisetsa balemi ba bang tšimo eo ea morara.”
Ha ba utloa litaba tsena ba re: “E se eka ntho e joalo e ke ke ea etsahala.”
-