-
Luka 11:49-51Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
49 Ke kahoo Molimo ea bohlale a ileng a re: ‘Ke tla romela baprofeta le baapostola ho bona empa ba tla bolaea le ho hlorisa ba bang ba bona 50 e le hore moloko ona o ka ba molato oa mali a baprofeta bohle bao esale ba bolaoa ho tloha ha lefatše le thehoa,+ 51 ho tloha ho Abele+ ho fihlela ho Zakaria ea ileng a bolaeloa pakeng tsa aletare le ntlo.’*+ Kannete kea le bolella hore moloko ona o tla ba molato.
-