-
Mareka 14:32-36Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
32 Kahoo, ba tla sebakeng se bitsoang Gethesemane ’me a re ho barutuoa ba hae: “Lulang mona ha ke ntse ke rapela.”+ 33 A tsamaea le Petrose, Jakobo le Johanne+ eaba o qala ho sareloa le ho khathatseha habohloko. 34 A re ho bona: “Ke saretsoe haholo+ hoo nka ’nang ka shoa. Lulang mona le falimehe.”+ 35 A ea pejana, a itihela fatše eaba o rapella hore haeba ho khoneha, nako eo e boima e mo fete. 36 A re: “Abba,* Ntate,+ lintho tsohle lia khoneha ho uena. Tlosa senoelo sena ho ’na. Empa ho ke ho etsahale thato ea hao eseng ea ka.”+
-