-
Mareka 14:37-42Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
37 A khutlela ho barutuoa ba hae eaba o ba fumana ba robetse. A re ho Petrose: “Simone, u robetse? U ne u se na matla a ho lula u falimehile hora e le ’ngoe feela?+ 38 Falimehang ’me le rapele le sa khaotse e le hore le se ke la oela molekong.+ Ho hlakile hore pelo e na le tabatabelo empa nama ea fokola.”+ 39 A tloha hape ho ea rapela, a ’na a bua mantsoe a tšoanang.+ 40 A boela a tla, a ba fumana ba robetse hobane ba ne ba imetsoe ke boroko. Eaba ha ba tsebe hore na ba ikarabella ka ho re’ng. 41 A khutlela ho barutuoa ka lekhetlo la boraro eaba o re ho bona: “Ka nako ee le phomotse ebile le robetse? Tsohang. Nako ea hore Mor’a motho a nehelloe baetsalibe e fihlile.+ 42 Emang re tsamaee. Motho ea nthekisitseng o se a le haufi.”+
-