-
Luka 8:45-48Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
45 Jesu a re: “Ke mang ea nthetsitseng?” Kaofela ba itatola. Petrose eena a re: “Mosuoe, batho ba u pota-potileng ba bangata ebile ba u petelitse.”+ 46 Empa Jesu a re: “Ho na le motho ea nthetsitseng hobane ke utloile ha matla+ a tsoa ho ’na.” 47 Ha mosali eo a hlokomela hore ha a na mokhoa oa ho ipata, a khumama ka pel’a Jesu a ntse a thothomela, a mo hlalosetsa ka pel’a batho lebaka leo a mo tšoereng ka lona le kamoo a folisitsoeng hang-hang kateng. 48 Jesu a re ho eena: “Ngoan’eso,* tumelo ea hao e u folisitse. Tsamaea ka khotso.”+
-