Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 14:1-5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Heroda,* ’musi oa setereke, a utloela ka Jesu.+ 2 Eaba o re ho bahlanka ba hae: “Enoa ke Johanne Mokolobetsi. O tsositsoe bafung, ke ka lebaka leo a nang le matla a ho etsa mehlolo ena.”+ 3 Heroda o ne a ile a tšoara Johanne a mo tlama ’me a mo koalla teronkong ka lebaka la Herodiase. Qalong Herodiase e ne e le mohats’a Filipi moholoane oa Heroda.+ 4 Johanne o ne a ee a re ho Heroda: “Molao ha o u lumelle hore u nyale mosali eo.”+ 5 Heroda o ne a batla ho bolaea Johanne le hoja a ne a tšaba batho hobane ba ne ba mo nka e le moprofeta.+

  • Luka 9:7-9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Eaba Heroda* ’musi oa setereke o utloela ka lintho tsohle tse etsahetseng. A makatsoa ke ho utloa batho ba re Johanne o tsositsoe bafung.+ 8 Ba bang ba re ke Elia, ba bang bona ba re ke moprofeta e mong oa khale ea tsositsoeng bafung.+ 9 Heroda a re: “Ha ke khaotse Johanne hlooho,+ joale eo ea etsang lintho tsee eena ke mang?” Eaba o batla ho mo bona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela