Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 14:15-21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Empa ha letsatsi le likela barutuoa ba hae ba tla ho eena ba re: “Sebaka sena se hole haholo hape e se e le mantsiboea. E-re batho bana ba tsamaee e le hore ba ka kena metsaneng ba ithekela lijo.”+ 16 Leha ho le joalo, Jesu a re ho bona: “Ha ho hlokahale hore ba tsamaee. Lona ba feng lijo.” 17 Ba re ho eena: “Ha re na letho mona haese mahobe a mahlano le litlhapi tse peli.” 18 A re: “Li tliseng.” 19 Ka mor’a moo, a re batho ba lule holim’a joang.* Eaba o nka mahobe ao a mahlano le litlhapi tse peli, a sheba leholimong a kopa tlhohonolofatso.+ A qhetsola mahobe, a a fa barutuoa, barutuoa bona ba a fa batho. 20 Kahoo, bohle ba ja ba khora. Barutuoa ba nka bohobe bo setseng eaba bo tlala libaskete tse 12.+ 21 Ho ile ha ja batho ba ka bang 5 000 ho sa balelloe basali le bana.+

  • Luka 9:12-17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ha e e-ba mantsiboea baapostola ba hae ba tla ho eena ba re: “E-re batho bana ba tsamaee ba kene metseng e haufi, ba fumane marobalo le lijo hobane mona ho hole.”+ 13 Jesu a re ho bona: “Lona ba feng lijo.”+ Ba re: “Re na le mahobe a mahlano le litlhapi tse peli feela, ntle le haeba re ka e’o ba rekela lijo.” 14 Ho ne ho e-na le banna ba ka bang 5 000 moo. Jesu a re ho barutuoa ba hae: “E-reng ba ikarole ba lule ka lihlopha tsa batho ba ka bang 50 sehlopha ka seng.” 15 Ba etsa joalo eaba batho kaofela ba lula fatše. 16 Jesu a nka mahobe a mahlano le litlhapi tse peli, a sheba leholimong a kopa tlhohonolofatso. A li qhetsola, a li fa barutuoa, barutuoa bona ba li fa batho. 17 Bohle ba ja ba khora ’me barutuoa ba nka libaskete tse 12 tse tletseng lijo tse setseng.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela