-
Johanne 6:10-13Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
10 Jesu a re: “E-reng batho ba lule fatše.” Ho ne ho e-na le joang bo bongata sebakeng seo, kahoo batho ba lula fatše. Har’a bona ho ne ho e-na le banna ba 5 000.+ 11 Jesu a nka mahobe, a rapela eaba o a fa batho ba lutseng fatše. A etsa joalo le ka litlhapi tse nyenyane ’me ba ja ho fihlela ba khotsofetse. 12 Ha ba se ba khotše a re ho barutuoa ba hae: “Bokellang lijo tse setseng e le hore ho se ke ha e-ba le letho le senyehang.” 13 Kahoo, ba bokella lijo tse setseng ha ho ne ho jeoa mahobe a mahlano a harese ’me tsa tlala libaskete tse 12.
-