-
Matheu 15:3-6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 Ha a araba a re ho bona: “Ke hobane’ng ha lona le tlola melao ea Molimo ka lebaka la moetlo oa lona?+ 4 Molimo o ile a re: ‘Hlompha ntate oa hao le ’mè oa hao,’+ a boela a re: ‘Mang kapa mang ea rohakang* ntate oa hae kapa ’mè oa hae o lokela ho bolaoa.’+ 5 Empa lona le re: ‘Mang kapa mang ea reng ho ntate oa hae kapa ’mè oa hae: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng nka u thusa ka eona ke se ke e file Molimo e le mpho,”+ 6 ha ho hlokahale hore a hlomphe ntate oa hae ho hang.’ Kahoo, le entse lentsoe la Molimo ntho e se nang thuso ka lebaka la moetlo oa lona.+
-