-
Matheu 15:22-28Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
22 Mosali e mong oa Mofoenisia ea tsoang libakeng tseo a tla ho eena a hoeletsa haholo a re: “Nkhauhele, Morena, Mora oa Davida. Morali oa ka o kenoe ke modemona ea mo sotlang hampe.”+ 23 Empa Jesu ha aa ka a mo araba. Kahoo, barutuoa ba hae ba tla ho eena ba re: “E-re a tsamaee hobane o ntse a tla a hoeletsa ka mor’a rona.” 24 Jesu a re ho mosali eo: “Ha kea romeloa ho mang kapa mang haese linku tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele.”+ 25 Empa mosali eo a tla a mo khumamela a re: “Morena, nthuse!” 26 Ha a araba a re: “Ha hoa nepahala ho nka bohobe ba bana ebe bo akhelloa malinyane a lintja.” 27 A re: “Ke ’nete Morena empa le ’ona malinyane a lintja a ja makumane a oang tafoleng ea beng ba ’ona.”+ 28 Jesu a re ho eena: “Tumelo ea hao e matla. Ho ke ho etsahale joalokaha u lakatsa.” Morali oa hae a fola ka eona nako eo.
-