-
Matheu 16:1-3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
16 Bafarisi le Basaduse ba tla ho eena ba mo kopa hore a ba etsetse mohlolo o tsoang leholimong e le ho mo leka.+ 2 A re ho bona: “Ha letsatsi le likela le tloaetse ho re: ‘Boemo ba leholimo bo tla ba botle hobane leholimo le bofubelu bo hlakileng.’ 3 Hoseng teng le re: ‘Kajeno ho tla bata le pula e tla na kaha leholimo le bofubelu bo hlakileng ebile ho maru.’ Le tseba ho hlalosa ponahalo ea leholimo empa ha le utloisise hore na lintho tse etsahalang hona joale li bolela’ng.
-