-
Matheu 16:5-12Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 Barutuoa ba tšelela ka lehlakoreng le leng la leoatle eaba ba lebala ho nka bohobe.+ 6 Jesu a re ho bona: “Lulang le butse mahlo ’me le hlokomele tomoso ea Bafarisi le Basaduse.”+ 7 Kahoo, ba buisana ba re: “Ha rea ka ra nka bohobe.” 8 Ha Jesu a ba utloa a re: “Ke hobane’ng ha le ntse le re ha le na bohobe? Tumelo ea lona ea fokola. 9 Na le ntse le e-s’o hlakeloe kapa ha le hopole hore na le ile la nka libaskete tse kae ka mor’a hore ke fepe batho ba 5 000 ka mahobe a mahlano?+ 10 Kapa le se le lebetse hore na le ile la nka libaskete* tse kae ka mor’a hore ke fepe batho ba 4 000 ka mahobe a supileng?+ 11 Ho tla joang hore ebe ha le lemohe hore ke ne ke sa bue le lona ka bohobe? Ke ne ke bolela hore le hlokomele tomoso ea Bafarisi le Basaduse.”+ 12 Kahoo, ba utloisisa hore o ne a sa bue ka tomoso ea bohobe empa o ne a re ba hlokomele thuto ea Bafarisi le Basaduse.
-